BIBELE e Halalelang

1 Samuele 16:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.

2. Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.

3. O biletse Jese sehlabelong, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa, mme o tla ntlotsetsa eo ke tla o laela yena.

4. Samuele a etsa ka polelo ya Jehova; a ya Bethlehema. Ebile baholo ba motse ba mo kgahlanyetsa ba tshohile, ba re: Na o tlile ka kgotso na?

5. A re: Ke tlile ka kgotso ho hlabela Jehova; le ke le itokise, re ye le lona sehlabelong. A lokisa Jese le bara ba hae, mme a ba biletsa sehlabelong.

6. Ha ba fihla, a bona Eliabe, a re: Ruri, motlotsuwa wa Jehova o pela hae.

7. Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.

8. Jese a bitsa Abinadabe, a mo fetisa pela Samuele. Samuele a re: Le enwa Jehova ha a mo kgethe.

9. Jese a fetisa le Shamma; Samuele a re: Le enwa Jehova ha a mo kgethe.