BIBELE e Halalelang

1 Samuele 15:30-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Saule a re: Ke sitilwe; leha ho le jwalo, ako ntlhonephe jwale pontsheng ya baholo ba setjhaba sa ka le pontsheng ya Iseraele, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova, Modimo wa hao.

31. Samuele a kgutla kahoo le Saule, mme Saule a kgumamela Jehova.

32. Yaba Samuele o re: Ntlisetseng Agage, morena wa Baamaleke. Agage a tla ho yena a thabile, mme Agage a re: Ruri, ho baba ha lefu ho fetile.

33. Samuele a mpa a re: Jwalokaha lerumo la hao le hlokisitse basadi bana, le mmao o tla hlokiswa bana hara basadi. Samuele a ba a pomahanya Agage, pela Jehova, Gilgale.

34. Jwale, Samuele a ikela Rama, Saule yena a ya ha hae Gibea wa Saule.

35. Samuele ha a ka a hlola a ya bona Saule ho isa ho shweng ha hae; leha ho le jwalo, Samuele a hlomohela Saule, kahobane Jehova a ne a swabile ke hoba a entse Saule morena wa Iseraele.