BIBELE e Halalelang

1 Samuele 15:21-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ke setjhaba se nkileng tsa kgapo, dinku, le dikgomo tse ntle ho tse neng di neetswe anathema, ka ho re, se tla di hlabela Jehova, Modimo wa hao, Gilgale.

22. Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.

23. Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.

24. Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.

25. O ke o ntshwarele sebe sa ka, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova.

26. Samuele a re ho Saule: Nke ke ka kgutla le wena, hobane o lahlile taelo ya Jehova, le wena Jehova o o lahlile, hore o se ke wa hlola o eba morena wa Iseraele.

27. Eitse Samuele ha a reteleha ho tsamaya, Saule a mo tshwara ka moleka wa kobo ya hae; yaba e a hahoha.

28. Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.

29. Eo e leng matla a Iseraele ha a etse leshano, leha e le ho itatola; hobane hase motho hore a itatole.

30. Saule a re: Ke sitilwe; leha ho le jwalo, ako ntlhonephe jwale pontsheng ya baholo ba setjhaba sa ka le pontsheng ya Iseraele, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova, Modimo wa hao.

31. Samuele a kgutla kahoo le Saule, mme Saule a kgumamela Jehova.

32. Yaba Samuele o re: Ntlisetseng Agage, morena wa Baamaleke. Agage a tla ho yena a thabile, mme Agage a re: Ruri, ho baba ha lefu ho fetile.