BIBELE e Halalelang

1 Samuele 15:10-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Yaba lentswe la Jehova le tlela Samuele, la re:

11. Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.

12. Samuele a tsohela hosasa ho ya kopana le Saule; Samuele a tsebiswa, ha thwe: Saule o ile Karmele; bona, o ikemiseditse seemahale sa kgopotso, a ntoo tloha, a feta, a theohela Gilgale.

13. Samuele ha a fihla ho Saule, Saule a re ho yena: Hlohonolofatswa ke Jehova! Ke phethile taelo ya Jehova.

14. Samuele a re: Mme keng ho kang ho lla ha dinku, le ho lla ha dikgomo hoo ke ho utlwang?

15. Saule a re: Ba di nkile ho Baamaleke, hobane setjhaba se qenehetse dinku le dikgomo tse ntle, e le hore se hlabele Jehova, Modimo wa hao; ho hong re ho neetse anathema.

16. Samuele a re ho Saule: Lesa, ke o tsebise seo Jehova a mpoleletseng sona bosiung bona.

17. Saule a re ho yena: Bua. Samuele a re: Ha ke re, o ne o le monyenyane le mahlong a hao, mohla o bewang hlooho ya meloko ya Iseraele, e le mohla Jehova a o tlotsang ho ba morena wa Iseraele na?

18. Jehova, mohla a o romang, o ne a itse: Eya; baetsadibe bao ba Baamaleke o ba neele anathema, o lwane le bona, o be o ba qete.

19. Ha o a ka wa utlwa lentswe la Jehova keng, ha o ile wa itihela kgapong, wa etsa bobe pela mahlo a Jehova?

20. Saule a re ho Samuele: Kannete ke utlwile lentswe la Jehova, ke ile ka tsela eo Jehova a nthomileng ka yona, ke tlisitse le Agage, morena wa Baamaleke, mme ke neetse Baamaleke anathema.

21. Ke setjhaba se nkileng tsa kgapo, dinku, le dikgomo tse ntle ho tse neng di neetswe anathema, ka ho re, se tla di hlabela Jehova, Modimo wa hao, Gilgale.

22. Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.

23. Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.

24. Moo Saule a re ho Samuele: Ke sitilwe, hobane ke tlotse molomo wa Jehova le taba tsa hao; empa ke ne ke tshaba setjhaba, ka mamela mantswe a sona ke hona.

25. O ke o ntshwarele sebe sa ka, re kgutle le wena, ke tle ke kgumamele Jehova.

26. Samuele a re ho Saule: Nke ke ka kgutla le wena, hobane o lahlile taelo ya Jehova, le wena Jehova o o lahlile, hore o se ke wa hlola o eba morena wa Iseraele.