BIBELE e Halalelang

1 Samuele 15:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile Samuele o re ho Saule: Jehova o ne a nthome ho o tlotsa, hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, mamela taba tsa molomo wa Jehova.

2. Jehova wa makgotla o re: Ke sa hopotse seo Baamaleke ba neng ba se etse Baiseraele, kamoo ba kileng ba ba thibela kateng, mohla ba tswang Egepeta.

3. Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.

4. Ebile Saule o mema setjhaba, mme a se bala Thelaime, ya eba kete tse makgolo a mabedi a ba maoto, Bajuda e le kete tse leshome.

5. Saule ha a fihla motseng wa Baamaleke, a bea ba lallang sekgutlong.

6. Saule a re ho Bakene: Tsamayang, le tlohe, le tswe hara Baamaleke, esere mohlomong ka le timetsa hammoho le bona, athe le ne le etse bana bohle ba Iseraele ka mohau, mohla ba tswang Egepeta. Kahoo, Bakene ba tloha ho Baamaleke.

7. Saule a bolaya Baamaleke, ho tloha Havila, ho ya fihla Shure, o mabapa le Egepeta.

8. A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo.

9. Empa Saule le setjhaba ba pholosa Agage, le dinku tse ntle, le dikgomo tse ntle tse nonneng, le dikonyana, le tsohle tse ntle, ba sa rate ho di neela anathema; haele dintho tsohle tse nyatsehang, tse nyenyane, ba di neela anathema.

10. Yaba lentswe la Jehova le tlela Samuele, la re:

11. Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.

12. Samuele a tsohela hosasa ho ya kopana le Saule; Samuele a tsebiswa, ha thwe: Saule o ile Karmele; bona, o ikemiseditse seemahale sa kgopotso, a ntoo tloha, a feta, a theohela Gilgale.

13. Samuele ha a fihla ho Saule, Saule a re ho yena: Hlohonolofatswa ke Jehova! Ke phethile taelo ya Jehova.