BIBELE e Halalelang

1 Samuele 14:46-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

46. Yaba Saule o kgutlela Bafilesta, mme Bafilesta ba ikela ha habo bona.

47. Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.

48. A nna a etsa ka matla, a hlola le Baamaleke, mme a namolela Baiseraele matsohong a ba ba hlorisang.

49. Haele bara ba Saule, e ne e le Jonathane, le Jishvi, le Malkishua; mabitso a baradi ba hae ba babedi ke ana: lebitso la wa matsibolo e ne e le Merabe, lebitso la e monyenyane e le Mikale.

50. Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Akinohame, moradi wa Akimaatse. Lebitso la molaodi wa makgotla a hae e ne e le Abnere, mora Nere, rangwana Saule.

51. Kishe, ntata Saule, le Nere, ntata Abnere, e ne e le bara ba Abiele.