BIBELE e Halalelang

1 Samuele 14:35-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Saule a hahela Jehova aletare; ke yona aletare ya ho qala eo a e hahetseng Jehova.

36. Ebile Saule o re: A re theoheng, re phallele Bafilesta le bosiu, re tle re ba qete ho isa ka meso, re se ke ra lesa le a mong ho bona. Ba re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng. Empa moprista a re: A re atameleng ho Modimo mona.

37. Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.

38. Ebile Saule o re: Lona bohle balaodi ba setjhaba, atamelang mona, le tle le tsebe, mme le bone bobe na ke bofe bo entsweng kajeno;

39. hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.

40. Yaba o re ho Baiseraele bohle: Emang, lona, ka nqa e nngwe; nna le Jonathane mora ka, re tla ema kahosele. Setjhaba sa re ho Saule: Etsa kamoo o ratang kateng.

41. Saule a re ho Jehova: Oho Modimo wa Iseraele, hlahisa nnete. Jonathane le Saule ba tshwarwa, setjhaba sona sa tswa.

42. Saule a re: Ho laolwe nna le mora ka Jonathane. Mme Jonathane a tshwarwa.

43. Yaba Saule o re ho Jonathane: Ntsebise seo o se entseng. Jonathane a mo tsebisa, a re: Ke fela ke latswitse dinotshi hanyenyane ka ntlha ya lere leo ke neng ke le tshwere; ke nna enwa, nke ke shwe!

44. Saule a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa shwele ruri, Jonathane.

45. Empa setjhaba sa re ho Saule: Hleka Jonathane a ka shwa, e le yena ya namoletseng Iseraele hakakalo na? Le ho leka! Ka Jehova ya phelang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae, hobane kajeno o sebedisane le Modimo. Kahoo, setjhaba sa pholosa Jonathane, hore a se ke a shwa.

46. Yaba Saule o kgutlela Bafilesta, mme Bafilesta ba ikela ha habo bona.