BIBELE e Halalelang

1 Samuele 14:30-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Le hojane ebeba setjhaba se jele kajeno tsa kgapo e fumanweng ho dira tsa sona, ha ke re, polao ya Bafilesta e ka be e bile kgolo ka ho fetisisa na?

31. Tsatsing leo, ba bolaya Bafilesta ho tloha Mikmashe, ho ya fihla Ajalone, empa setjhaba se ne se kgathetse haholo.

32. Jwale, setjhaba sa itihela kgapong, sa tshwara dinku le dikgomo le manamane, sa di hlabela fatshe, mme sa di jellela hammoho le madi.

33. Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, setjhaba se sitelwa Jehova ka ho jellela le madi. A re: Le fela le tlotse; mphikolosetseng lejwe le leholo hona jwale.

34. Yaba Saule o re: Eyang le setjhaba, le bolelle e mong le e mong hore a tlise mona ho nna kgomo ya hae le nku ya hae, a e hlabe mona, a e je; le se ke la sitelwa Modimo ka ho jellela le madi. Bohle ba setjhaba ba tlisa e mong le e mong kgomo ya hae bosiung boo, mme ba di hlabela teng.

35. Saule a hahela Jehova aletare; ke yona aletare ya ho qala eo a e hahetseng Jehova.

36. Ebile Saule o re: A re theoheng, re phallele Bafilesta le bosiu, re tle re ba qete ho isa ka meso, re se ke ra lesa le a mong ho bona. Ba re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng. Empa moprista a re: A re atameleng ho Modimo mona.

37. Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.

38. Ebile Saule o re: Lona bohle balaodi ba setjhaba, atamelang mona, le tle le tsebe, mme le bone bobe na ke bofe bo entsweng kajeno;

39. hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.

40. Yaba o re ho Baiseraele bohle: Emang, lona, ka nqa e nngwe; nna le Jonathane mora ka, re tla ema kahosele. Setjhaba sa re ho Saule: Etsa kamoo o ratang kateng.

41. Saule a re ho Jehova: Oho Modimo wa Iseraele, hlahisa nnete. Jonathane le Saule ba tshwarwa, setjhaba sona sa tswa.

42. Saule a re: Ho laolwe nna le mora ka Jonathane. Mme Jonathane a tshwarwa.