25. Athe bohle ba ne ba kene morung, moo dinotshi di neng di le teng fatshe.
26. Setjhaba ha se kena morung, leha se bona dinotshi tse rothelang fatshe, ha ho a ka ha eba le a mong ya di isang molomong ka letsoho, hobane setjhaba se ne se tshaba hlapanyo.
27. Haele Jonathane, o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a isa ntlha ya lere leo a le tshwereng, a e kenya kgekgeng, a ntoo isa ka letsoho molomong wa hae, mme mahlo a hae a ela.
28. Empa e mong wa setjhaba a bua, a re: Ntatao o hlapantshitse setjhaba ka ho re: Ho rohakwe motho ya jang dijo kajeno. Athe setjhaba se kgathetse.
29. Yaba Jonathane o re: Ntate o tsieditse setjhaba; a le ke le boneng hobane mahlo a ka a edile, ke hobane ke latswitse dinotshi tsena hanyenyane.