BIBELE e Halalelang

1 Samuele 14:19-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Saule a re a sa bua le moprista, moferefere wa nna wa tota le ho ata haholo diahelong tsa Bafilesta. Saule a re ho moprista: Honyetsa letsoho la hao.

20. Jwale, Saule le setjhaba kaofela se dutseng ho yena, ba phutheha, mme ba ba moo e lwanang; ba fihlela Bafilesta ba hlabana ka marumo e le bona, ho le moferefere o moholo haholo.

21. Le Baheberu ba neng ba le hara Bafilesta, jwaloka pele, ba neng ba tlile le bona ntweng, ba tswa kahohle, ba ikopanya le Baiseraele ba leng ho Saule le Jonathane.

22. Le banna bohle ba Iseraele, ba neng ba ipatile thabeng ya Efraime, ha ba utlwa hoba Bafilesta ba balehile, ba ba phallela ka ntwa.

23. Jehova a namolela Iseraele jwalo tsatsing leo; ntwa yona ya fetela pele, ho ya fihla Bethe-Avene.

24. Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse tsatsing leo; empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: Ho rohakwe motho ya jang dijo ho isa mantsiboya, ke be ke iphetetse ho dira tsa ka. Ka baka leo, setjhaba kaofela ha se a ka sa utlwa bohobe.

25. Athe bohle ba ne ba kene morung, moo dinotshi di neng di le teng fatshe.

26. Setjhaba ha se kena morung, leha se bona dinotshi tse rothelang fatshe, ha ho a ka ha eba le a mong ya di isang molomong ka letsoho, hobane setjhaba se ne se tshaba hlapanyo.

27. Haele Jonathane, o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a isa ntlha ya lere leo a le tshwereng, a e kenya kgekgeng, a ntoo isa ka letsoho molomong wa hae, mme mahlo a hae a ela.

28. Empa e mong wa setjhaba a bua, a re: Ntatao o hlapantshitse setjhaba ka ho re: Ho rohakwe motho ya jang dijo kajeno. Athe setjhaba se kgathetse.

29. Yaba Jonathane o re: Ntate o tsieditse setjhaba; a le ke le boneng hobane mahlo a ka a edile, ke hobane ke latswitse dinotshi tsena hanyenyane.

30. Le hojane ebeba setjhaba se jele kajeno tsa kgapo e fumanweng ho dira tsa sona, ha ke re, polao ya Bafilesta e ka be e bile kgolo ka ho fetisisa na?

31. Tsatsing leo, ba bolaya Bafilesta ho tloha Mikmashe, ho ya fihla Ajalone, empa setjhaba se ne se kgathetse haholo.