BIBELE e Halalelang

1 Samuele 14:13-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.

14. Polao eo ya ho qala ya Jonathane, ba ena le lehlahana la hae, ya eba ya batho ba batlileng ba eba mashome a mabedi, ka sebaka se kang halofo ya tema ya naha.

15. Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.

16. Balebedi ba Saule ba neng ba le Gibea wa Benjamine, ha ba tadima, ba bona bongata bo fela, bo ntse bo eya bo qhalana.

17. Ebile Saule o re ho setjhaba se dutseng ho yena: Balang jwale, le bone hore na ke mang ya tlohileng ho rona. Ha ba badile, ba fihlela Jonathane le lehlahana la hae ba le siyo.