BIBELE e Halalelang

1 Samuele 14:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka tsatsi le leng, Jonathane, mora Saule, a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re fetele ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng mose wane, maloka le mona. A mpa a se ke a tsebisa ntatae.

2. Haele Saule, o ne a ntse a dutse pheletsong ya Gibea, tlasa sefate sa garanata, se leng Migrone, setjhaba se dutseng ho yena e batla e le batho ba makgolo a tsheletseng.

3. Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.

4. Dipakeng tsa makgalo ao Jonathane a tla leka ho tshelela ho ya qhobosheaneng ya Bafilesta, ka kwano lefika le ne le le teng, le ka nqane lefika le ne le le teng, lebitso la le leng e le Botsetse, lebitso la la bobedi e le Sene.

5. Ntlha ya le leng e ne e tadimile leboya, malokana le Mikmashe, ya la bobedi e ne e tadimile borwa, malokana le Gibea.

6. Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.

7. Mojari wa dibetsa, a re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng; tsamaya feela, ke nna enwa, ke na le wena kahohle kamoo o ratang kateng.

8. Ebile Jonathane o re: Bona, re tla tshelela ho banna bane, re itlhahise ho bona.

9. Ha ba ka re ho rona, re eme, ba be ba fihle ho rona, re tla ema moo re leng teng, re se ke ra hlwella ho bona.