BIBELE e Halalelang

1 Samuele 13:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Jwale, Saule a re: Ntlisetseng setjheso le mahlabelo a teboho. Ebile o etsetsa Jehova setjheso.

10. Eitse ha a sa qetella ho etsa setjheso, a bona Samuele a hlaha; Saule a tswa ho ya mo kgahlanyetsa le ho mo dumedisa.

11. Samuele a re: O entseng? Saule a re: Eitse ha ke bona setjhaba se nqhalanela, le wena o sa hlahe ka ditshiu tse beilweng, le Bafilesta ba se ba phuthehile Mikmashe,

12. ka re: Bafilesta ba se ba ya theoha ho ntwantsha Gilgale, mme ha ke eso ho bee thapelo ho Jehova; ke ikgothaditse ke hona, mme ka etsetsa Jehova setjheso.

13. Samuele a re ho Saule: O entse ka bothoto, ha o sa ka wa boloka taelo ya Jehova, Modimo wa hao, eo a o laetseng yona; athe Jehova a ka be a tiisitse borena ba hao Iseraeleng ka ho sa feleng.

14. Jwale, borena ba hao bo ke ke ba tiya; Jehova o ikgethetse monna e mong ya pelong ya hae; Jehova o se a mo kgethile hore e be morena wa setjhaba sa hae, kahobane ha o a ka wa boloka seo Jehova a o laetseng sona.

15. Yaba Samuele o a ema, a tloha Gilgale, a ya Gibea wa Benjamine. Saule yena a bala setjhaba se fumanweng se sa setse ho yena, ya batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng.

16. Saule le Jonathane, mora hae, le setjhaba se fumanweng se sa setse ho bona, ba itulela Gibea wa Benjamine, Bafilesta ba ntse ba emisitse Mikmashe.

17. Ebile banna ba ratang ho hapa ba tswa diahelong tsa Bafilesta ka hlopha tse tharo, hlopha se seng sa ya ka tsela ya Ofra, sa ya naheng ya Shuale;

18. hlopha se seng sa nka tsela ya Bethe-Horone, mme se seng sehlopha sa nka tsela ya ho ya naheng e mabapa le sekgutlo sa Tseboime, pela nahathothe.

19. Mehleng eo, ho ne ho sa fumanwe lelala naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesta ba ne ba itse: Baheberu ba se ke ba iteela disabole leha e le marumo.

20. Ke kahoo Baiseraele bohle ba neng ba ntse ba eya ho Bafilesta, hore e mong le e mong a leotse sekara sa hae, leha e le mohoma wa hae, le selepe sa hae, le kgarafu ya hae;

21. e le ha dikara tsa bona, le dikgarafu tsa bona, le mehoma ya bona, le dilepe tsa bona, di le botswa, leha ditsenene tsa bona di rata ho otlollwa.