BIBELE e Halalelang

1 Samuele 13:16-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Saule le Jonathane, mora hae, le setjhaba se fumanweng se sa setse ho bona, ba itulela Gibea wa Benjamine, Bafilesta ba ntse ba emisitse Mikmashe.

17. Ebile banna ba ratang ho hapa ba tswa diahelong tsa Bafilesta ka hlopha tse tharo, hlopha se seng sa ya ka tsela ya Ofra, sa ya naheng ya Shuale;

18. hlopha se seng sa nka tsela ya Bethe-Horone, mme se seng sehlopha sa nka tsela ya ho ya naheng e mabapa le sekgutlo sa Tseboime, pela nahathothe.

19. Mehleng eo, ho ne ho sa fumanwe lelala naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesta ba ne ba itse: Baheberu ba se ke ba iteela disabole leha e le marumo.

20. Ke kahoo Baiseraele bohle ba neng ba ntse ba eya ho Bafilesta, hore e mong le e mong a leotse sekara sa hae, leha e le mohoma wa hae, le selepe sa hae, le kgarafu ya hae;

21. e le ha dikara tsa bona, le dikgarafu tsa bona, le mehoma ya bona, le dilepe tsa bona, di le botswa, leha ditsenene tsa bona di rata ho otlollwa.

22. Ha ho le jwalo, tsatsing la ntwa, ha ho a ka ha fumanwa sabole leha e le lerumo matsohong a setjhaba kaofela se dutseng ho Saule le Jonathane, tsa fumanwa ho Saule le ho Jonathane, mora hae, feela.

23. Mohlang oo, ba qhobosheaneng ya Bafilesta ba tswela lekgalong la Mikmashe.