BIBELE e Halalelang

1 Samuele 13:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Saule o ne a le dilemo tse mashome a mararo mohla a qalang ho busa. Eitse hobane a buse Iseraele ka lemo tse pedi,

2. Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.

3. Jonathane a qhala ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng Gibea, mme Bafilesta ba utlwa. Ebile Saule o letsa terompeta naheng yohle, a re: Baheberu ba utlwe!

4. Baiseraele bohle, ha ba utlwa hobane Saule o qhadile ba qhobosheaneng ya Bafilesta, le hobane Baiseraele kaofela ba fetohile ntho e nkgang hampe ho Bafilesta, setjhaba sa memelwa ho Saule, Gilgale.

5. Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.

6. Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.

7. Baheberu ba bang ba tshela Jordane, ba tshelela naheng ya Gade, le Gileade; Saule yena a dula Gilgale, le setjhaba kaofela sa sala ho yena ka thothomelo.

8. A lebella tshiu tse supileng, ka ho lekanya motsotso o beilweng ke Samuele, empa Samuele a se ke a fihla Gilgale, le setjhaba sa qhalanela Saule ke hona.