BIBELE e Halalelang

1 Samuele 12:14-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ha le ka tshaba Jehova, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, le sa ikgantshetse molomo wa Jehova, le tla nne le latele Jehova, Modimo wa lona, lona le morena ya le busang.

15. Empa ha le hana ho utlwa lentswe la Jehova, ha le ikgantshetsa molomo wa Jehova, letsoho la Jehova le tla fetoha sera ho lona, jwalokaha le kile la iphetola sera ho bontata lona.

16. Emang jwale, le bone taba e kgolo ena eo Jehova a tla e etsa pela mahlo a lona.

17. Ha ke re, kajena ke nako ya ho hela dikoro na? Ke tla bitsa ho Jehova, mme o tla dumisa diaduma tsa hae, a nese le pula, le tle le tsebe, mme le bone hobane bo boholo bobe boo le bo entseng pela mahlo a Jehova, kamoo le ikopetseng morena kateng.

18. Yaba Samuele o bitsa ho Jehova, mme Jehova a dumisa diaduma, a nesa le pula tsatsing leo, mme setjhaba sohle sa tshaba Jehova le Samuele haholo.

19. Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.

20. Samuele a re ho setjhaba: Se tshabeng; leha le entse bobe bo bokalo, feela le se ke la furalla Jehova, le sebeletse Jehova ka pelo tsohle tsa lona.

21. Le se ke la kgeloha, hobane ekaba ke ho latela ntho tsa lefeela, tse ke keng tsa tseba ho le thusa, leha e le ho le namolela, hobane e le mafeela.

22. Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.

23. Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.

24. Felang le tshabe Jehova, le mo sebeletse ka nnete le ka pelo tsohle tsa lona; hobane le tshwanetse ho lemoha tse kgolohadi tseo a le etseditseng tsona.