BIBELE e Halalelang

1 Samuele 12:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile Samuele o re ho Baiseraele bohle: Le ka bona hobane ke mametse mantswe a lona kahohle kamoo le mpoleletseng kateng, ka ba ka le beela morena.

2. Bonang jwale, morena eo ke yena motsamaisi wa lona, hobane nna ke hodile, ke hlooho e putswa, mme bara ba ka ke bao, le na le bona; haele nna, ke nnile ka le tsamaisa ke sa le motjha, ho fihlela tsatsi lena.

3. Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.

4. Ba re: Ha o a ka wa re tlatlapa letho; ha o a ka wa re tshwenya, ha o a ka wa amohela letho matsohong a e mong.

5. A re ho bona: Jehova ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki kajeno pela lona ya hobane ha le a ka la fumana letho matsohong a ka. Yaba ba re: Ke dipaki.

6. Samuele a eketsa a re ho setjhaba: Jehova ke yena ya neng a bee Moshe le Aarone, ya ntshitseng bontata lona lefatsheng la Egepeta.

7. Emang jwale, ke tsekisane le lona pela Jehova bakeng sa diketso tsohle tse lokileng, tseo Jehova a di etseditseng lona le bontata lona.

8. Ya na ya re hobane Jakobo a fihle Egepeta, bontata lona ba ile ba hoeletsa ho Jehova, mme Jehova a roma Moshe le Aarone, ba ntsha bontata lona Egepeta, mme ba ba ahisa fatsheng lena.

9. Baiseraele ba mpa ba lebala Jehova, Modimo wa bona, mme a ba neela matsohong a Sisera, molaodi wa makgotla a Hatsore, le matsohong a Bafilesta, le matsohong a morena wa Moabe, ba lwantshwa ke bona.

10. Ba hoeletsa ho Jehova, ba re: Re sitilwe, hobane re lahlile Jehova, ra ya, ra sebeletsa boBaale le Diashtarothe; jwale, re namolele matsohong a dira tsa rona, re tle re o sebeletse.

11. Yaba Jehova o roma Jerubbaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, la ba la aha ka kgotso.

12. Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.

13. Jwale, ke enwa morena eo le ikgethetseng yena, eo le mo kopileng; bonang, Jehova o le neile morena.

14. Ha le ka tshaba Jehova, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, le sa ikgantshetse molomo wa Jehova, le tla nne le latele Jehova, Modimo wa lona, lona le morena ya le busang.