BIBELE e Halalelang

1 Samuele 11:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Saule ha a ba bala Beseke, bana ba Iseraele ya eba dikete tse makgolo a mararo, banna ba Juda bona e le dikete tse mashome a mararo.

9. Ba re ho manqosa a tlileng: E reng ho batho ba Jabeshe-Gileade: Hosasane, motshehare o moholo, le tla namolelwa. Yaba manqosa a ya, a tsebisa banna ba Jabeshe; mme bona ba thaba.

10. Ha ho le jwalo, banna ba Jabeshe ba re ho Nahashe: Hosasane, re tla tswela ho lona, le tle le etse ka rona kahohle kamoo le ratang kateng.

11. Hosasa, Saule a hlopholla setjhaba, a etsa makgotla a mararo; ba kena hara diahelo ka nako ya tebelo ya meso, mme ba bolaya Baammone, ya ba ya eba motshehare; ba phonyohileng ba qhalanngwa, ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi.

12. Ebile setjhaba se re ho Samuele: Ke mang ya itseng: Saule e ke ke ya eba morena wa rona? Hlahisa banna bao, re tle re ba bolaye.

13. Saule a re: Ho ke ke ha bolawa motho tsatsing lena, hobane Jehova o lwetse Iseraele haholo kajeno.

14. Yaba Samuele o re ho setjhaba: Tloong, re yeng Gilgale, re boeleng re tiise borena hona teng.

15. Setjhaba sohle sa ya Gilgale, ba boela ba bea Saule morena pela Jehova; ba hlaba mahlabelo a teboho pela Jehova, mme teng Saule le banna bohle ba Iseraele ba thaba haholo.