BIBELE e Halalelang

1 Samuele 11:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. a nka pholo tse pedi, a di pomahanya dikoto, a di romela naheng tsohle tsa Iseraele ka manqosa a reng: E mong le e mong ya sa tsweng hae ho latela Saule le Samuele, ho tla etswa jwalo ka kgomo tsa hae. Letsoso la Jehova la wela setjhaba, mme ba tswa jwaloka eka ke motho a le mong.

8. Saule ha a ba bala Beseke, bana ba Iseraele ya eba dikete tse makgolo a mararo, banna ba Juda bona e le dikete tse mashome a mararo.

9. Ba re ho manqosa a tlileng: E reng ho batho ba Jabeshe-Gileade: Hosasane, motshehare o moholo, le tla namolelwa. Yaba manqosa a ya, a tsebisa banna ba Jabeshe; mme bona ba thaba.

10. Ha ho le jwalo, banna ba Jabeshe ba re ho Nahashe: Hosasane, re tla tswela ho lona, le tle le etse ka rona kahohle kamoo le ratang kateng.

11. Hosasa, Saule a hlopholla setjhaba, a etsa makgotla a mararo; ba kena hara diahelo ka nako ya tebelo ya meso, mme ba bolaya Baammone, ya ba ya eba motshehare; ba phonyohileng ba qhalanngwa, ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi.

12. Ebile setjhaba se re ho Samuele: Ke mang ya itseng: Saule e ke ke ya eba morena wa rona? Hlahisa banna bao, re tle re ba bolaye.

13. Saule a re: Ho ke ke ha bolawa motho tsatsing lena, hobane Jehova o lwetse Iseraele haholo kajeno.