BIBELE e Halalelang

1 Samuele 11:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, Nahashe, Moammone, a tla thibella Jabeshe-Gileade; banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: Hlaba selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.

2. Nahashe, Moammone a re ho bona: Ha nka hlaba selekane le lona, ke ha nka honya mahlo a matona a lona bohle, ke tle ke bee sekgobo jwalo hodima Baiseraele bohle.

3. Ebile baholo ba Jabeshe ba re ho yena: Ako re balle tshiu tse supileng, re tle re romele manqosa naheng tsohle tsa Iseraele; ha ho se ya re namolelang, re tla tswela ho wena.

4. Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.

5. Ebile moo ho fihlang Saule, a etswa naheng, a setse pholo tsa hae morao. Saule a re: Setjhaba se hlahetswe keng, haele moo se lla? Ba mo phetela ditaba tsa banna ba Jabeshe.