BIBELE e Halalelang

1 Samuele 10:9-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Eitse Saule ha a furalla, ha ba kgaohana le Samuele, Modimo wa mo fa pelo e ntjha, a ba a hlahelwa tsatsing leo ke dipontsho tseo tsohle.

10. Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.

11. Bohle ba neng ba mo tseba pele, ha ba mmona a porofeta le baporofeta, ba buisana, ba re: Taba ke efe e hlahetseng mora Kishe? Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

12. E mong wa teng a araba, a re: Homme ntata bona ke mang? Ha ho le jwalo, taba ena ya eba maele, ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

13. Eitse hobane a qete ho porofeta, a ya nqalong e phahameng.

14. Rangwana a Saule a ba botsa yena le mohlankana wa hae, a re: Le ne le ile kae? A re: Re ne re ile ho batla diesele, ra mpa ra se ke ra di bona, ra ba ra ya ho Samuele.

15. Rangwanae a Saule a re: Ako ntsebise seo Samuele a le boleletseng sona.

16. Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.

17. Jwale, Samuele a memela setjhaba Mitspe pela Jehova.

18. A re ho bana ba Iseraele: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke ne ke nyolle Baiseraele Egepeta, ka ba ka le namolela matsohong a Baegepeta le matsohong a marena wohle a nnileng a le hlorisa.

19. Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.

20. Ebile Samuele o atametsa meloko yohle ya Iseraele, mme leloko la Benjamine la kgethwa.

21. Jwale, a atametsa leloko la Benjamine ka methapo ya lona, mme ha kgethwa mothapo wa Matri, ha ba ha kgethwa Saule, mora Kishe; a batlwa, a mpa a se ke a fumanwa.