BIBELE e Halalelang

1 Samuele 10:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.

6. Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.

7. Jwale, ha o hlahelwa ke dipontsho tseo, o tle o etse kamoo o tla iphihlela ho le kateng, etswe Modimo o na le wena.

8. O tla nketella pele ho ya Gilgale, hobane ke tla theohela ho wena teng, ke tle ke hlabe mahlabelo a ditjheso le a diteboho. O ke o ntebelle tshiu tse supileng, ke be ke fihle ho wena, ke o tsebise seo o tla se etsa.

9. Eitse Saule ha a furalla, ha ba kgaohana le Samuele, Modimo wa mo fa pelo e ntjha, a ba a hlahelwa tsatsing leo ke dipontsho tseo tsohle.

10. Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.

11. Bohle ba neng ba mo tseba pele, ha ba mmona a porofeta le baporofeta, ba buisana, ba re: Taba ke efe e hlahetseng mora Kishe? Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

12. E mong wa teng a araba, a re: Homme ntata bona ke mang? Ha ho le jwalo, taba ena ya eba maele, ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na?

13. Eitse hobane a qete ho porofeta, a ya nqalong e phahameng.

14. Rangwana a Saule a ba botsa yena le mohlankana wa hae, a re: Le ne le ile kae? A re: Re ne re ile ho batla diesele, ra mpa ra se ke ra di bona, ra ba ra ya ho Samuele.

15. Rangwanae a Saule a re: Ako ntsebise seo Samuele a le boleletseng sona.

16. Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.