BIBELE e Halalelang

1 Samuele 10:21-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Jwale, a atametsa leloko la Benjamine ka methapo ya lona, mme ha kgethwa mothapo wa Matri, ha ba ha kgethwa Saule, mora Kishe; a batlwa, a mpa a se ke a fumanwa.

22. Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.

23. Yaba ba titima, ba mo ntsha teng, mme ha a eme hara setjhaba, o ne a feta bohle ba setjhaba ka bolelele, a tswile ka mahetla.

24. Samuele a re ho setjhaba kaofela: Na le a bona hobane ya kgethilweng ke Jehova hara setjhaba sohle, ha ho e mong ya jwaloka yena na? Mme setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: A ho phele morena!

25. Samuele a tsebisa setjhaba mekgwa ya borena, a e ngola bukeng, a e bea pela Jehova. Ebile Samuele o kgutlisa setjhaba kaofela, a re: E mong le e mong a ye ha hae.

26. Le yena Saule a ya ha hae Gibea, a ena le sehlopha sa batho bao dipelo tsa bona di amilweng ke Jehova.

27. Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.