BIBELE e Halalelang

1 Samuele 1:23-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.

24. Eitse hobane a qete ho mo kgwesa, ba ya le yena ka kgomo tse tharo, le efa e nngwe ya phofo, le lekuka la veine, mme a mo tlisa tlung ya Jehova, Silo, ngwana a sa le monyenyane.

25. Ba hlaba kgomo, mme ba tlisa ngwana ho Eli.

26. Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova.

27. Ke yena ngwana eo ke neng ke mo kopa; Jehova o nneile seo ke neng ke se kopa ho yena.

28. Ke bile ke mo kgethetse Jehova ke hona, mme efela e tla ba ya kgethetsweng Jehova ka ditshiu tsohle tseo a tla phela ka tsona. Ebile o kgumamela Jehova hona moo.