BIBELE e Halalelang

1 Samuele 1:20-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.

21. Monna eo Elkana le ba ntlo ya hae kaofela ba tloha ho ya hlabela Jehova sehlabelo sa dilemo tsohle le sa kano ya hae.

22. Anna a mpa a se ke a ya, a re ho monna wa hae: Mohla ngwana a kgwesitsweng, ke hona ke tla mo isa, a tle a hlahiswe pela Jehova, mme a dule teng kamehla.

23. Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.

24. Eitse hobane a qete ho mo kgwesa, ba ya le yena ka kgomo tse tharo, le efa e nngwe ya phofo, le lekuka la veine, mme a mo tlisa tlung ya Jehova, Silo, ngwana a sa le monyenyane.

25. Ba hlaba kgomo, mme ba tlisa ngwana ho Eli.

26. Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova.