BIBELE e Halalelang

1 Samuele 1:2-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa.

3. Monna eo o na a ye a tlohe motseng wa habo ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela le ho hlabela Jehova wa makgotla Silo. Ke moo bara ba Eli ba babedi, Hofni le Finease, e neng e le baprista ba Jehova.

4. Mohla Elkana a neng a etsa sehlabelo, o ne a nea mosadi wa hae Peninna le bara ba hae le baradi ba hae bohle diabo;

5. empa o ne a nea Anna seabo sa batho ba babedi, hobane o ne a rata Anna, leha Jehova a ne a mmeile nyopa.

6. Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa.

7. Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja.

8. Elkana, monna wa hae, o ne a nna a re ho yena: Anna, o llelang, mme ha o je keng? Na pelo ya hao e ntshofaletseng? Na, ho wena, ha ke fetise bara ba leshome na?

9. Empa mohlomong, hobane ho jewe, ho nowe Silo, Anna a tloha, moprista Eli a dutse setulong pela monyako wa tabernakele ya Jehova.