BIBELE e Halalelang

1 Petrose 5:12-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka Silfane, e leng ngwanabo lona ya tshepehang, ha ke lekanya, ke ntse ke le kgothatsa, mme ke omela hore mohau wa sebele wa Modimo ke wona oo le emeng ho wona.

13. Ba kereke e Babilona, e kgethehileng jwaloka lona, le Mareka, mora wa ka, ba le dumedisa.

14. Dumedisanang ka kako ya lerato. Kgotso e be ho lona bohle ba ho Jesu Kreste! Amen!