BIBELE e Halalelang

1 Petrose 5:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,

2. ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;

3. e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.

4. Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.

5. Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.

6. Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.