BIBELE e Halalelang

1 Petrose 4:4-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona kgaphatsehong eo ya bohlola, mme ba le nyefola ke hona.

5. Empa ba tla ikarabela ho ya itokisitseng ho ahlola ba phelang le ba shweleng.

6. Hobane Evangeli e behetswe le bona ba shweleng, e leng hore, leha ba ahlotswe nameng ka mokgwa wa batho, ba phele moyeng pela Modimo.

7. Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.

8. Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.

9. Le amohelane boeting le sa kganane.

10. E mong le e mong, kamoo neo eo a e abetsweng e leng kateng, a no sebeletsa ba bang ka yona, kamoo ho loketseng diabi tse ntle tsa mehauhelo kateng, e mengata ya Modimo.

11. E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.

12. Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;

13. empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.

14. Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.

15. Ho se ke ha eba e mong hara lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya ikenyang tabeng tsa ba bang.

16. Empa ekare ha a utlwiswa bohloko kahoba e le mokreste, a se ke a ba le dihlong ke hona, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.

17. Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?