BIBELE e Halalelang

1 Petrose 4:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.

12. Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;

13. empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.

14. Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.

15. Ho se ke ha eba e mong hara lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya ikenyang tabeng tsa ba bang.

16. Empa ekare ha a utlwiswa bohloko kahoba e le mokreste, a se ke a ba le dihlong ke hona, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.

17. Hobane nako ena ke eo kahlolo ya Modimo e tshwanetseng ho qala ka ntlo ya Modimo; mme ha e qala ka rona, bofelo ba ba sa dumeleng Evangeli ya Modimo e tla ba eng?

18. Mme ha esita ya lokileng a phela ka thata, eo e leng monyefodi le moetsadibe yena o tla leba kae?