BIBELE e Halalelang

1 Petrose 4:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, erekaha Kreste a utlwisitswe bohloko nameng ka baka la rona, hlomelang kgopolo ena le lona; hobane ya utlwisitsweng bohloko nameng o hlobohane le dibe;

2. a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.

3. Hobane di lekane dinako tse fetileng tseo re di phetseng re ntse re etsa ho ratwang ke bahetene, ha re ne re itsamaela ka bootswa, le ka ditakatso, le ka botahwa, le ka meharo ya dijo le ya dino, le ka tshebeletso e manyala ya medimo ya bohata.

4. Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona kgaphatsehong eo ya bohlola, mme ba le nyefola ke hona.

5. Empa ba tla ikarabela ho ya itokisitseng ho ahlola ba phelang le ba shweleng.

6. Hobane Evangeli e behetswe le bona ba shweleng, e leng hore, leha ba ahlotswe nameng ka mokgwa wa batho, ba phele moyeng pela Modimo.

7. Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, mme le phele ka boitshwaro, le tle le tsebe ho rapela.

8. Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.

9. Le amohelane boeting le sa kganane.