BIBELE e Halalelang

1 Petrose 3:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, le phedisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosadi ke pitsa e fetisang ka ho fokola, mme le ba hlomphe, etswe e le majalefa hammoho le lona a mohau wa bophelo, merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.

8. Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;

9. le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.

10. Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomo ya hae puong tsa thetso;

11. a kgelohe bobe, mme a etse ho molemo, a batle kgotso, a e phehelle.

12. Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.

13. Mme ke mang ya tla le etsa hampe, ha le tjhesehela botle?

14. Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;

15. le mpe le tshabe Morena Jesu dipelong tsa lona, mme le itokisetse kamehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ya le botsang tshepo e ho lona.

16. Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.

17. Hobane, ha ekaba ke thato ya Modimo hore le utlwiswe bohloko, ho ka fetisa hore le bo utlwe le ntse le etsa hantle, e seng hampe.

18. Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.