BIBELE e Halalelang

1 Petrose 3:1-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele lona basadi, le utlwe banna bao e leng ba lona jwalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa dumeleng lentswe, ba mpe ba hapuwe, leha e ke ke ya eba ka lentswe, e be ka metsamao ya basadi ba bona,

2. ha ba lemoha metsamao ya lona e hlwekileng, e nang le hlompho.

3. Ho hlopheha ha lona e se ke ya eba ho kantle, e leng moriri o forilweng, kapa dikgabisotsa kgauta, kapa diaparo tsa ho kgaba;

4. empa le hlophise motho ya ka sephiring, e leng wa pelo, ka kgabo e sa senyeheng ya moya o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha ho Modimo.

5. Hobane ke ka mokgwa o jwalo, kgale, le bona basadi ba halalelang, ba tshepileng Modimo, ba neng ba ikgabisa, ha ba ne ba utlwa banna ba bona;

6. jwalokaha Sara a ne a utlwa Abrahama, a mmitsa morena wa hae; eo le lona le leng baradi ba hae, ha le etsa hantle, le sa tshoswe ke letho.

7. Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, le phedisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosadi ke pitsa e fetisang ka ho fokola, mme le ba hlomphe, etswe e le majalefa hammoho le lona a mohau wa bophelo, merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.

8. Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;

9. le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.

10. Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomo ya hae puong tsa thetso;

11. a kgelohe bobe, mme a etse ho molemo, a batle kgotso, a e phehelle.

12. Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.

13. Mme ke mang ya tla le etsa hampe, ha le tjhesehela botle?

14. Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;

15. le mpe le tshabe Morena Jesu dipelong tsa lona, mme le itokisetse kamehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ya le botsang tshepo e ho lona.

16. Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.