BIBELE e Halalelang

1 Petrose 2:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ka baka la Morena, le ke le utlwe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le yena e moholo;

14. leha e le babusisi, ka ho re, ke ba rongwang ke yena ho kgalemela ba etsang hampe, le ho boka ba etsang hantle.

15. Hobane thato ya Modimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ya batho ba mawatla, ba sa tsebeng letho.

16. Etsang ka mokgwa o tshwanelang balokolohi, e seng ka ho etsa bolokolohi ba lona tshireletso ya bobe, le mpe le ipee bahlanka ba Modimo.

17. Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.

18. Lona bahlanka, utlwang beng ba lona ka tshabo yohle, e seng ba molemo, leha e le ba bonolo feela, empa le bona ba thata.

19. Hobane ke ntho e lebohuwang, ha motho, ka baka la ho utlwa letswalo pela Modimo, a mamella mahlomola, a ntse a utlwa bohloko a se na molato.

20. Sebaka sa ho bokwa e ka ba sefe ha le ka mamella ho jabelwa, ha le sitilwe? Empa ekare ha le mamella bohloko le ntse le etsa hantle, hoo ke ntho e lebohuwang ke Modimo.

21. Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;

22. yena ya sa kang a etsa sebe, mme le thetso ha e a ka ya fumanwa molomong wa hae;

23. enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;

24. yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.

25. Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.