BIBELE e Halalelang

1 Petrose 1:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla bakgethwa ba jakileng, ba hasaneng mafatsheng a Ponto, a Galatia, a Kapadosia, a Asia, le a Bithinia;

2. ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.

3. Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,

4. re tle re fuwe lefa le sa boleng, le se nang sekodi, le sa omelleng, le boloketsweng lona lehodimong;

5. lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.

6. Ke sona seo le se thabelang haholo, leha empa jwale le sa ntse le hlomohile ke meleko e mengata, leha empa e le ka motsotso o mokgutshwanyane kamoo ho le tshwanetseng kateng;

7. hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;

8. eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;

9. le ntse le ikgapela moputso wa tumelo ya lona, e leng poloko ya meya ya lona.

10. Poloko eo ke yona e kileng ya batlwa haholo, ya ba ya botsisiswa ke baporofeta ba porofetileng mohau o le hlahetseng.

11. Ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e jwang e neng e lekantswe ke Moya wa Kreste, o neng o le ho bona, ha o ne o ba bolella pele mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho a latela.

12. Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.

13. Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.

14. O lebelleng le le bana ba utlwang, ba sa yeng ka ditakatso tseo le neng le na le tsona pele mehleng ya ho se tsebe ha lona.

15. Empa jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong ya lona yohle;