BIBELE e Halalelang

1 Marena 9:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,

5. teng ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao Iseraeleng kamehla, jwalokaha ke boleletse ntatao Davida, ka re: Ha o ka ke wa hloka motho teroneng ya Iseraele.

6. Empa ekare ha le mphuralla, lona, kapa bana ba lona, le sa boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, le empa le ya, le sebeletsa medimo esele, le e kgumamela,

7. teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.

8. Ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a tee molodi, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?

9. Mme ho tla thwe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bona, ya ntshitseng bontata bona naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse: ke ka baka leo Jehova a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.

10. Dilemo tse mashome a mabedi tsa feta Salomone a hahile matlo ao a mabedi, ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.

11. Jwale, kahobane Hirame, morena wa Tire, a ne a thusitse Salomone ka dikedare le ka dikiprese le ka kgauta, kahohle kamoo a lakaditseng kateng, morena Salomone a abela Hirame metse e mashome a mabedi naheng ya Galelea.

12. Empa mohla Hirame a tlohang Tire, a tla bona metse eo Salomone a mo abetseng yona, ha e a ka ya mo kgahla.

13. A re: Tjhe, ngwaneso, metse eo ke e jwang eo o nkabetseng yona? Ebile o e rea naha ya Kabule (eka ke lefeela) ho fihlela letsatsi la kajeno.