BIBELE e Halalelang

1 Marena 9:15-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ke tsena taba tsa ba hlwailweng, ba kileng ba memuwa ke morena Salomone ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya hae, le Millo, le lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Meggido, le Gesere.

16. Faro, morena wa Egepeta, o ne a futuhile; a nka Gesere, a o tjhesa, a bolaya Bakanana ba ahileng motseng a o nea moradi wa hae, mosadi wa Salomone, e be serwala sa hae.

17. Salomone a boela a haha Gesere, le Bethe-Horone ya katlase;

18. le Baalathe, le Thadmore, feelleng, naheng ya hae;

19. le metse yohle ya mediko ya Salomone, le metse ya makoloi, le metse ya bakalli, le tseo Salomone a ithatetseng ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle ya mmuso wa hae.

20. Haele bohle ba setseng ba Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, bao e neng e se bana ba Iseraele,

21. e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.

22. Salomone a mpa a se ke a kgetha makgoba hara bana ba Iseraele; ya eba bahlabani, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le balaodi ba makgotla a hae, le batsamaisi ba makoloi a hae, le bakalli ba hae.

23. Haele ba lebelang mosebetsi wa Salomone, ba laelang batho ba sebetsang mosebetsi oo, ya eba banna ba makgolo a mahlano a nang le mashome a mahlano.

24. Moradi wa Faro hoba a tlohe motseng wa Davida, a kena tlung ya hae eo a e hahetsweng; ke mohlang oo Millo e hahilweng.

25. Hararo ka selemo, Salomone o ne a hlahisa mahlabelo a ditjheso le mahlabelo a teboho aletareng eo a e hahetseng Jehova, a tjhesa dibano aletareng e pela Jehova. A phetha ntlo jwalo.

26. Morena Salomone a haha sehlopha sa dikepe Etsione-Gebere, e pela Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu, naheng ya Edomo.

27. Hirame a romela bahlanka ba hae dikepeng tseo, e le ba tsebang ho tsamaya lewatleng ka dikepe, ba tle ba tlatse bahlanka ba Salomone.

28. Ba ya Ofire, ba lata teng kgauta le ditalenta tse makgolo a mane a mashome a madebi, ba e tlisetsa morena Salomone.