BIBELE e Halalelang

1 Marena 9:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse hobane Salomone a phethe ho haha ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le tsohle tseo Salomone a lakaditseng ho di etsa,

2. Jehova a iponahatsa ho Salomone la bobedi, jwalokaha a ne a kile a iponahatsa ho yena Gibeone.

3. Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.

4. Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,

5. teng ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao Iseraeleng kamehla, jwalokaha ke boleletse ntatao Davida, ka re: Ha o ka ke wa hloka motho teroneng ya Iseraele.

6. Empa ekare ha le mphuralla, lona, kapa bana ba lona, le sa boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, le empa le ya, le sebeletsa medimo esele, le e kgumamela,

7. teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.