BIBELE e Halalelang

1 Marena 8:53-64 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

53. Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.

54. Salomone eitse ha a qeta ho beela Jehova thapelo eo le kopo eo yohle, a tsoha pela aletare ya Jehova, moo a neng a kgumamile ka mangole, a emiseditse matsoho a hae mahodimong.

55. A ema, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele ka lentswe le phahameng, a re:

56. Ho bokwe Jehova ya phomoditseng setjhaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tseo a di boletseng; ha ho a senyeha lentswe leha le le leng la dipallo tsohle tse molemo tseo a di boletseng ka Moshe, mohlanka wa hae.

57. Jehova Modimo wa rona, ha a ke a be le rona, jwalokaha a bile le bontata rona; a se ke a re tlohela, a se ke a re furalla;

58. hore a lebisetse pelo tsa rona ho yena, re tsamaye ka tsela tsa hae tsohle, mme re boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bontata rona.

59. Mantswe ana a ka ao ke rapetseng Jehova ka wona, ha a ke a be pela Jehova, Modimo wa rona, motshehare le bosiu, a tle a tiise taba tsa mohlanka wa hae, le taba tsa setjhaba sa hae sa Iseraele, e nngwe le e nngwe ka tsatsi le o loketseng.

60. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe hobane Jehova ke Modimo, ha ho o mong.

61. Pelo tsa lona tsohle ha e ke e be tsa Jehova, Modimo wa rona, le tle le tsamaye ka melao ya hae, le boloke taelo tsa hae, jwaloka kajeno.

62. Yaba morena le Baiseraele kaofela ba hlabela Jehova mahlabelo.

63. Salomone a hlaba sehlabelo sa teboho, seo a se hlabelang Jehova, sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le bana bohle ba Iseraele ba kgethela Jehova ntlo jwalo.

64. Tsatsing lona leo, morena a kgetha sebaka se hara lebala le pela ntlo ya Jehova, hobane ke moo a kileng a hlahisa mahlabelo a ditjheso, le dinyehelo, le mafura a mahlabelo a teboho; hobane aletare ya koporo, e pela Jehova, e ne e le nyenyane, e sa lekane ditjheso le dinyehelo le mafura a mahlabelo a teboho.