BIBELE e Halalelang

1 Marena 8:47-56 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;

48. ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela ba tadimile nqa lefatsheng la habo leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;

49. o mamele thapelo ya bona le kopo ya bona, o le mahodimong, tulong tsa hao, o ba emele nyeweng ya bona.

50. O tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng, o lebale le ditlolo tsohle tseo ba o sitetsweng ka tsona; o ba fumantshe mohau ho ba ba isitseng kgolehong, hore ba ba utlwele bohloko.

51. Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.

52. Mahlo a hao a ke a ele thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya setjhaba sa hao sa Iseraele seli, hore o se utlwe ho tsohle tseo se ka di qelang ho wena.

53. Etswe Morena Modimo, o se kgethile hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe hore e be lefa la hao, jwalokaha o boletse ka Moshe, mohlanka wa hao, mohla o ntshang bontata rona Egepeta.

54. Salomone eitse ha a qeta ho beela Jehova thapelo eo le kopo eo yohle, a tsoha pela aletare ya Jehova, moo a neng a kgumamile ka mangole, a emiseditse matsoho a hae mahodimong.

55. A ema, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele ka lentswe le phahameng, a re:

56. Ho bokwe Jehova ya phomoditseng setjhaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tseo a di boletseng; ha ho a senyeha lentswe leha le le leng la dipallo tsohle tse molemo tseo a di boletseng ka Moshe, mohlanka wa hae.