BIBELE e Halalelang

1 Marena 8:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.

2. Le banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena Salomone, ka mokete wa kgwedi ya Ethanime, e leng kgwedi ya bosupa.

3. Eitse hobane ho fihle baholo bohle ba Iseraele, baprista ba jara areka;

4. ba tlisa areka ya Jehova le tente ya pokano; le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng ya tliswa ke baprista le Balevi.

5. Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e leng ba memilweng ho tla ho yena, ba ema pela areka; ba hlabaka dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa, tse se nang ho balwa ka baka le bongata ba tsona.

6. Baprista ba ntoo tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong ya yona, sehalalelong sa ntlo, e leng sehalaledisiso, tlasa mapheo a dikerubime.

7. Hobane dikerubime di be di otlollela mapheo a tsona hodima sebaka sa areka, dikerubime di sireletsa areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.

8. Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala sehalalelong se pela sehalaledisiso, e mpa e sa bonwe ke ba kantle; e sa le hona teng le kajeno.