BIBELE e Halalelang

1 Marena 7:47-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. Salomone ha a ka a lekanya boima ba mesebetsi eo ka baka la bongata ba yona; le boima ba koporo ha bo a ka ba hlahlojwa.

48. Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;

49. le dikandelare tsa kgauta e hlwekileng; tse hlano tsa bewa ho le letona, tse hlano tse ding ho le letshehadi, pela sehalaledisiso, le dipalesa tsa tsona, le dilampi, le dikere tsa kgauta,

50. le dipitsana, le matlao, le mafiswana, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le mahokelo a kgauta a mamati a ntlo e hare, e leng sehalaledisiso, le a mamati a ntlo ya tempele.

51. Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo morena Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa le mesebetsi e kgethetsweng Modimo ke ntatae Davida, e le silefera le kgauta le dipitsa, a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Jehova.