BIBELE e Halalelang

1 Marena 7:30-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Sedulwana se seng le se seng se ne se na le mabidi a mane a koporo le diase tsa koporo; dintlheng tsa tsona tse nne, ho ne ho le mahetla; mahetla ao a tsholotsweng a ne a le tlasa morifi, mme kamorao ho mahetla ho ne ho le meqhaka.

31. Molomo wa morifi o hara hlooho le hodima yona, bolelele ba wona e ne e le setswe se le seng, molomo wa wona o le motjhitja, o ka wa mesebetsi e jwalo, boahlamo ba wona e le setswe se nang le halofo; molomong ho ne ho le ditshwantsho tse betlilweng, mme mahlakore a wona a ne a le meetse e mene e lekanang, a se matjhitja.

32. A bea mabidi a mane tlasa mahlakore, ditshepe tse tshwereng diase tsa mabidi di ne di etswa sedulwaneng, bolelele ba lebidi e le setswe se nang le halofo.

33. Ho etswa ha mabidi e be e kaha lebidi la koloi; le mahetla a wona, le botjhitja ba wona, le dipeke tsa wona, le dinafo tsa wona, tsohle di ne di tsholotswe.

34. Le mahetla a mane a ne a le teng dintlheng tse nne tsa sedulwana, mahetla a ne a etswa sedulwaneng.

35. Kahodima sedulwana ho ne ho na le botjhitja, bolelele ba bona e le setswe se le seng, mme kahodima sedulwana, ho ne ho le mahetla le mahlakore a sona, a etswa ho sona.

36. A betla dikerubime le ditau le dipalema mamating a mahetla a sona le mahlakoreng a sona, kamoo sebaka se leng ka teng; ho ne ho le meqhaka e potang.

37. A bopa didulwana tse leshome jwalo; tsohle tsa eba mmopo o le mong, le tekano e le nngwe, le boholo bo lekanang.