BIBELE e Halalelang

1 Marena 6:33-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. A ntoo etsetsa monyako wa tempele difate tsa mohlwaare, tse nkang karolo ya bone ya lerako.

34. Menyako e mmedi ya etswa ka kiprese; mamati a mabedi a monyako o mong a bulelwa kahohle, le mamati a mabedi a monyako o mong a bulwa jwalo le wona.

35. A betla teng dikerubime, le dipalema, le dipalesa tse thuntseng, a di kwahela ka kgauta e manehilweng hodima ditshwantsho.

36. A thea lebala le kahare ka majwe a betlilweng a kolohantsweng ka boraro, le ka lethathamo la difate tsa kedare.