BIBELE e Halalelang

1 Marena 6:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ntlo eo morena Salomone a ileng a e hahela Jehova, bolelele ba yona ya eba ditswe tse mashome a tsheletseng, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse mashome a mararo.

3. Mathule a ka pele ho tempele, bolelele ba wona ya eba tswe tse mashome a mabedi, ho lekana le bophara ba ntlo, bophara ba wona e le ditswe tse leshome pela ntlo.

4. A etsetsa ntlo difensetere tse haheleditsweng ka dithupa.

5. A haha leboteng la ntlo dikamore tse kallaneng tse le potang, a di haha maboteng a ntlo, tsa sika tempele le sehalaledisiso; a etsa dikamore tse kathoko kahohle.

6. Kamore tse katlase bophara ba tsona e ne e le ditswe tse hlano, tse hare bophara ba tsona e le ditswe tse tsheletseng, tsa boraro bophara ba tsona e le ditswe tse supileng; hobane o ne a hahile ka majwe a ntshang dintlha lerakong lohle la ntlo, hore difate di se kene marakong a ntlo.

7. Ntlo ha e hahuwa, ya hahuwa ka majwe a lokisitsweng a eso ho tliswe teng, ho se ke ha utlwahala noto, leha e le selepe, leha e le mosebetsi o mong wa tshepe, ha ntlo e ntse e hahuwa.

8. Monyako wa dikamore tse hare o ne o le lehlakoreng le letona la ntlo; ho ne ho nyolohelwa kamoreng tse hare ka methatinyana e matswedintsweke, mme ho ne ho kenwa dikamoreng tse boraro, ha ho tsuwa ho tse hare.

9. A haha ntlo jwalo, a e phetha, a kwahela ntlo ka difate le ka dipolanka tsa kedare.

10. Haele dikamore tse kallaneng, tse potang ntlo yohle, a di etsa di ena le bolelele ba ditswe tse hlano; di ne di kopane le ntlo ka difate tsa kedare.