BIBELE e Halalelang

1 Marena 5:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Hirame, morena wa Tire, a utlwa hoba Salomone o tlotsitswe ho ba morena tulong tsa ntatae, a romela bahlanka ba hae ho yena; etswe Hirame a ne a ratile Davida le mehla.

2. Salomone yena a romela ho Hirame, a re:

3. O a tseba hobane ntate Davida o sitilwe ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa hae, ntlo, ka baka la dintwa tse mo hlahetseng hohle, ha ba ha fihla nako eo Jehova a beileng dira tsa Davida tlasa maoto a hae.

4. Haele nna, Jehova, Modimo wa ka, o mphomoditse ka nqa tsohle; ha ho sera le matsoso.

5. Bona, ke hopotse ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, jwalokaha Jehova a boleletse ntate Davida, a re ho yena: Mora wa hao eo ke tla mmea teroneng ya hao tulong tsa hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.

6. Mme jwale, laela o re, batho ba hao ba nthomele dikedare Lebanone; bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao; ke tla o nea moputso wa bahlanka ba hao, kamoo o tla mpolella kateng; hobane o a tseba hoba ha ho motho ho rona ya tsebang ho rema difate jwaloka Basidone.

7. Eitse Hirame ha a utlwa polelo tsa Salomone, a thaba haholo, a re: Ho bokwe Jehova kajeno, hobane o neile Davida mora ya bohlale ho busa setjhaba seo se seholo.

8. Yaba Hirame o romela ho Salomone, a re: Ke utlwile kamoo o rometseng ho nna kateng; haele dikedare le dikiprese, ke tla o etsetsa kamoo o ratang kateng.