BIBELE e Halalelang

1 Marena 3:4-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Morena a ya le Gibeone, ho hlabela teng, hobane e be e le yona nqalo e phahameng e kgolo; Salomone a hlaba ditjheso tse sekete aletareng ya teng.

5. Jehova a iponahatsa ho Salomone, Gibeone, ka toro ya bosiu, mme Modimo wa mmolella, wa re: Kopa seo ke tla o nea sona.

6. Salomone a re: O entse ntate Davida, mohlanka wa hao, ka lereko le leholo kamoo a nnileng a tsamaya pela hao kateng, ka nnete, le ka ho loka, le ka bokgabane ba pelo; o mmoloketse tshitso e kgolo ka ho mo nea mora, hore a dule teroneng ya hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

7. Jwale, Jehova, Modimo wa ka, o beile mohlanka wa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe nna ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.

8. Mme mohlanka wa hao o hara setjhaba sa hao seo o se kgethileng; ke setjhaba se seholohadi, se ke keng sa lekanngwa, se ke keng sa balwa ka baka la bongata ba batho ba sona.

9. O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?

10. Polelo eo ya kgahlisa Morena, hobane Salomone a kopile taba eo.

11. Modimo wa re ho yena: Erekaha o kopile taba eo, o sa ka wa ikopela matsatsi a mangata, leha e le lefumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o mpa o ikopetse kelello ya ho tseba ho ahlola,

12. bona, ke se ke entse kamoo o boletseng kateng. Bona, ke o nea pelo e kelello le kutlwisiso; le pele ha ho a ka ha eba le a mong ya kang wena, le morao ho ke ke ha hlaha le a mong ya kang wena.

13. Ke o nea le seo o sa kang wa se kopa, lefumo le kganya, mme ho ke ke ha eba morena le ya mong ya tla ba ka ka wena ka matsatsi wohle a hao.

14. Hape, ha o tsamaya tseleng tsa ka, o boloka taelo tsa ka le melao ya ka, kamoo ntatao Davida a tsamaileng kateng, ke tla atisa matsatsi a hao.

15. Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.