BIBELE e Halalelang

1 Marena 22:6-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.

7. Yaba Josafate o re: Ana ha ho sa le moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na?

8. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.

9. Ebile morena wa Iseraele o bitsa tona e nngwe, a re: Phakisa o mpitsetse Mikea, mora Jimla.

10. Morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba ne ba dutse e mong le e mong teroneng ya hae, ba apere dikobo tsa bona tsa borena, lepatlelong le pela kgoro ya Samaria; baporofeta bohle ba ne ba porofeta pela bona.

11. Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.

12. Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, hobane Jehova o o neetse matsohong a morena.

13. Haele lenqosa le ileng ho bitsa Mikea, la re ho yena: Bona, baporofeta ba lentswe le le leng ho bolella morena molemo; ke re, le la hao lentswe le be jwaloka mantswe a bona, o bolele molemo.

14. Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.

15. Yaba o fihla ho morena; morena a re ho yena: Mikea, ana re tla ya lwantsha Ramothe-Gileade, kapa re lese na? Yena a re: Nyoloha, o atlehe; Jehova o tla o neela matsohong a morena.

16. Morena a re ho yena: Ke tla o antsha hakae, hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?

17. Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.

18. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella, ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela na?

19. Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.

20. Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.