BIBELE e Halalelang

1 Marena 22:47-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. Ba setseng ba Basodoma, ba neng ba siilwe mehleng ya ntatae Asa, a ba fiela naheng.

48. Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.

49. Josafate a etsa dikepe tsa Tarshishe, tsa ho ya Ofire ho lata kgauta; empa ha di a ka tsa ya hobane dikepe tsa eshwa Etsione-Gebere.

50. Akasia, mora Akabe, a re ho Josafate: Bahlanka ba ka ha ba ke ba ye dikepeng le bahlanka ba hao; empa Josafate a se ke a dumela.

51. Josafate a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, ntatae; mme mora hae, Jorame, ya eba morena tulong tsa hae.

52. Haele Akasia, mora Akabe, a qala ho busa Iseraele Samaria, ka selemo sa leshome le metso e supileng sa Josafate, morena wa Juda: a busa Iseraele ka lemo tse pedi.

53. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya ntatae, le ka mehlala ya mmae, le ka mehlala ya Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele.

54. Le yena a sebeletsa Baale, a mo kgumamela, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka tsohle tseo le ntatae a neng a mo halefisitse ka tsona.