BIBELE e Halalelang

1 Marena 22:35-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Ntwa ya befa tsatsing leo, morena yena a emiswa koloing ya hae, mabapa le Basiria. Yare mantsiboya a shwa, madi a tswang leqebeng la hae a ntse a dutlela ka koloing.

36. Letsatsi ha le batla ho dikela, ha howeletswa diphafeng, ha thwe: E mong le e mong a boele motseng wa habo, e mong le e mong a boele naheng ya hae.

37. Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.

38. Koloi ya hae ya hlatsuwa letsheng la Samaria, moo diotswa di tolang, mme dintja tsa nyeka madi a hae, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

39. Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

40. Akabe a orohela jwalo ho bontatae, mme mora hae, Akasia, ya eba morena tulong tsa hae.

41. Haele Josafate, mora Asa, a qala ho busa Juda, ka selemo sa bone sa Akabe, morena wa Iseraele.

42. Josafate o ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano, ha a qala ho busa: A busa Jerusalema ka lemo tsa mashome a mabedi a metso e mehlano. Lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilki.

43. A tsamaya ka mehlala yohle ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha, a etsa tse lokileng mahlong a Jehova.

44. Leha ho le jwalo, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlahisa mahlabelo, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.